13/08/2026
PICA/ HO JA MOBU
Pica ke bothata bo amang batho ba bangata haholo bo ka bakang mathata kapo litla-morao tse bosula, mo motho a bang le takatso ea ho ja lintho tseo eseng lijo(NON-NUTRITIVE SUBSTANCES) joalo ka MOBU, PAMPIRI, CHOKO, SESEPA, PENTE, ICE kapo lijo tse tala tse kang RICE, LITAPOLE, PHOOFO joalojoalo.
Sesosa sa taba ena se pharalletse haholo ebile sea fapana ho batho.
Ka sehlohong sesosa ke khahello ea matsoai 'meleng akang: T'sepe(IRON), ZINC, CALCIUM, PHOSPHORUS, VITAMIN B1&B3 kapo bothata ho karolo ea boko e bitsoang DOPAMINERGIC SYSTEM eleng eona e laolang le ho sebetsana le litakatso ka kakaretso.
Taba e'ngoe ke BOKHACHANE ka lebaka la phetophetoho ea maro le h**e, nakong ea bokhachane 'mele o hloka matsoai a mangata ho feta ka mehla ho bopa le ho holisa ngoana 'me sena se ka etsa ''Mè a lakatse lintho tsena.
LITLA-MORAO:
■Bowel obstruction(mala a koaleha)
■ Constipation(Ho siba)
■ Ulcers
■ Headache (hlooho)
■ Toxocariasis and Ascariasis(Manyooa)
■ Tooth abrasion (meno a qhetsohang)
■ Mouth and colon cancer(Mofet'se oa lehano le oa Mala)
■ Anemia (t'sepe e tlase kaha mobu especially kaolin e monya t'sepe e sentse ele teng ka maleng ebe e tsoela mantleng).
LITLAMA TSE THEOLANG LITAKATSO:
■Caralluma fimbriata (mofuta oa torofeiee)
■ Hoodia Gordonii(Mofuta oa torofeiee)
PHEKO TSE LING:
■ Psychotherapy (ho kopana le mohlabolli)
■ Ho ja matsoai-tlatsetso (supplements)
Hopola, ngoliso e ntse e tsoela-pele, sebakeng litlhakisetso letsetsa:+266 59665861/+266 62251851
Re fumaneha Mafeteng Bedco room A18, Maseru Mohalalitoe le Botha-Buthe blue ocean complex room G